BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 23:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ka selemo sa bosupa, Jehojada a ipha matla, mme a hlaba selekane le balaodi ba makgolo, boAsaria, mora Jeroboame, le Ishmaele, mora Johanane, le Asaria, mora Obede, le Maaseia, mora Adaia, le Elishafathe, mora Sikri.

2. Ba ya le naha ya Juda, ba phutha Balevi le dihlooho tsa matlo a bontata Baiseraele metseng yohle ya Juda, mme ba tla Jerusalema.

3. Mme phutheho yohle ya hlaba selekane le morena ka tlung ya Modimo. Jehojada a re ho bona: Bonang, ngwana morena o tla busa jwalokaha Jehova a boletse bakeng sa bara ba Davida.

4. Ke sena seo le tla se etsa: Ba karolo ya boraro ba lona ba tlang tshebeletsong ka Sabatha, e le baprista le Balevi, ba tla lebela menyako;

5. ba karolo e nngwe ya boraro ba tla ema ka tlung ya morena, ba karolo e nngwe ya boraro ba ene pela monyako wa Jesode; setjhaba sohle sona se tla ema mabaleng a ntlo ya Jehova.

6. Ho se ke ha kena motho tlung ya Jehova, haese baprista, le Balevi ba tshwereng tshebetso; bona ba ka kena, etswe ba halalehile, mme setjhaba sohle se tla lebela Jehova.