BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 22:6-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. A kgutlela Jisreele ho ya phekolwa maqeba ao Basiria ba mo ntshitseng wona Rama, mohla a lwanang le Hasaele, morena wa Siria; mme Asaria, mora Jorame, morena wa Juda, a theohela Jisreele ho ya bona Jorame, mora Akabe, kahobane a ne a kula.

7. Ka morero wa Modimo, ketelo ya Akasia ha a etela Jorame ya etswa lebaka la timelo ya hae. Eitse hobane a fihle, ba tswela le Jorame ho ya kgahlanyetsa Jehu, mora Nimshi, eo Jehova a neng a mo tlotsitse hore a timetse ntlo ya Akabe.

8. Eitse ha Jehu a ntse a phetha dikahlolo hodima ntlo ya Akabe, a fumana mahosana a Juda le bara ba banababo Akasia ba sebeletsa Akasia, mme a ba bolaya.

9. A batla le yena Akasia; ba mo tshwara a ipatile Samaria, ba mo tlisa ho Jehu, mme ba mmolaya. Ba mo epela, ba re: Ke mora Josafate ya kileng a batla Jehova ka pelo yohle ya hae. Mme ha ho a ka ha sala le a mong wa ntlo ya Akasia ya nang le matla a ho rena.

10. Eitse ha Athalia, mma Akasia, a bona hoba mora hae o timetse, a tloha, mme a timelletsa leloko lohle la borena la ntlo ya Juda.

11. Empa Joshabeathe, moradi wa morena, a nka Joase, mora Akasia, a mo utswa hara bara ba morena mohla ba bolawang, mme a mo isa hammoho le moanyesi wa hae kamoreng ya malao. Ka mokgwa o jwalo, Joshabeathe, moradi wa morena Jorame, mosadi wa Jehojada moprista, le kgaitsedi ya Akasia, a mo patela Athalia, a se ke a bolawa.

12. A patwa ho bona ka dilemo tse tsheletseng, ka tlung ya Modimo. Mme Athalia a nna a busa lefatsheng.