BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 21:6-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. A nna a tsamaya ka mehlala ya marena a Iseraele, jwalokaha ho ne ho tsamaile ntlo ya Akabe, hobane a ne a nyetse moradi wa Akabe; a etsa ho leng hobe pela mahlo a Jehova.

7. Leha ho le jwalo, Jehova ha a ka a rata ho timetsa ntlo ya Davida, ka baka la selekane seo a neng a se hlabile le Davida, le ka baka la seo a neng a se boletse, a re, o tla nne a mo nee, yena le bara ba hae, lebone ka ho sa feleng.

8. Mehleng ya hae, Baedomo ba fetohela mmuso wa Juda, mme ba ipehela morena.

9. Jorame a fetela teng a ena le mahosana a hae le makoloi a hae kaofela; a tsoha e sa le bosiu, mme a qhala Baedomo ba mo teetseng hare le balaodi ba makoloi.

10. Leha ho le jwalo, Baedomo ba fetohela Juda ho fihlela tsatsi lena. Mehleng yona eo, mose wa Libna le wona wa mo fetohela, kahobane ba ne ba furaletse Jehova, Modimo wa bontata bona.

11. Hape, Jorame a etsa dinqalo tse diphahameng dithabeng tsa Juda; a susumetsa baahi ba Jerusalema hore ba etse bohlola, mme a kgelosa Bajuda.

12. Yaba o fihlelwa ke lengolo la Elia moporofeta, le reng: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Davida ntatao: Erekaha o sa ka wa tsamaya ka mehlala ya Josafate ntatao, le ka mehlala ya Asa, morena wa Juda,

13. o mpile wa tsamaya ka mehlala ya marena a Iseraele, mme wa kgannela Juda le baahi ba Jerusalema bohloleng, jwalokaha ntlo ya Akabe e ntse e kgannela Baiseraele bohloleng bo jwalo, o bile wa bolaya le banabeno, ba ntlo ya ntatao, ba neng ba o feta ka molemo;

14. bona, Jehova o se a ya otla setjhaba sa hao, le bara ba hao, le basadi ba hao, le dintho tsohle tsa hao ka kotsi e kgolo;

15. haele wena, o tla ba malwetseng a maholo ka ho jewa ke mala ka matsatsi le matsatsi, ho fihlela mala a hao a ba a tswela ntle ke ho befa ha bohloko.

16. Yaba Jehova o tsosetsa Jorame pelo tsa Bafilesta le tsa Baarabe ba ahileng pela Baethiopia.

17. Ba futuhela Bajuda, ba pholletsa ka naha ya bona, mme ba hapa matlotlo wohle ao ba a fumaneng tlung ya morena, le bara ba hae, le basadi ba hae; ha a ka a sallwa ke bara, haese ke Joakase, e monyenyane ho bara ba hae.