BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 21:13-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. o mpile wa tsamaya ka mehlala ya marena a Iseraele, mme wa kgannela Juda le baahi ba Jerusalema bohloleng, jwalokaha ntlo ya Akabe e ntse e kgannela Baiseraele bohloleng bo jwalo, o bile wa bolaya le banabeno, ba ntlo ya ntatao, ba neng ba o feta ka molemo;

14. bona, Jehova o se a ya otla setjhaba sa hao, le bara ba hao, le basadi ba hao, le dintho tsohle tsa hao ka kotsi e kgolo;

15. haele wena, o tla ba malwetseng a maholo ka ho jewa ke mala ka matsatsi le matsatsi, ho fihlela mala a hao a ba a tswela ntle ke ho befa ha bohloko.

16. Yaba Jehova o tsosetsa Jorame pelo tsa Bafilesta le tsa Baarabe ba ahileng pela Baethiopia.

17. Ba futuhela Bajuda, ba pholletsa ka naha ya bona, mme ba hapa matlotlo wohle ao ba a fumaneng tlung ya morena, le bara ba hae, le basadi ba hae; ha a ka a sallwa ke bara, haese ke Joakase, e monyenyane ho bara ba hae.

18. Kamora tseo kaofela, Jehova a mo otla maleng ka lefu le se nang ho phekolwa.

19. Eitse kamora tshiu tse itseng, mohla lemo sa bobedi se leng lekgatheng la ho fela, mala a hae a tswa ke ho befa ha bohloko, mme a shwa ka bohloko bo tshabehang; setjhaba sa hae ha se a ka sa mo tjhesetsa dibano, jwalokaha se ne se tjheseditse bontatae.

20. O ne a le dilemo tse mashome a meraro a metso e mmedi ha a qala ho busa, mme a busa ka dilemo tse robileng meno e le mmedi a le Jerusalema. A ikela a sa llelwe ke motho, mme a patwa motseng wa Davida, empa e seng mabitleng a marena.