BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 21:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Josafate a orohela ho bontatae, mme a patwa ho bontatae motseng wa Davida; mme Jorame, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.

2. Jorame o ne a na le banababo, bara ba Josafate: boAsaria, le Jehiele, le Sakaria, le Asaria, le Mikaele, le Shefathia; kaofela ha bona e ne e le bara ba Josafate, morena wa Iseraele.

3. Ntata bona o ne a ba neile dimpho tse ngata tsa silefera le kgauta, le dintho tsa bohlokwa, hammoho le metse ya diqhobosheane naheng ya Juda; mmuso wona o ne a o neile Jorame, kahobane e ne e le yena wa letsibolo.

4. Empa eitse hobane Jorame a nke mmuso wa ntatae, ha a se a iphile matla, a bolaya banababo bohle ka lerumo le dihlooho tse ding tsa Iseraele.

5. Jorame o ne a le dilemo tse mashome a mararo a metso e mmedi ha a qala ho busa, mme a busa ka dilemo tse robileng meno e le mmedi a le Jerusalema.

6. A nna a tsamaya ka mehlala ya marena a Iseraele, jwalokaha ho ne ho tsamaile ntlo ya Akabe, hobane a ne a nyetse moradi wa Akabe; a etsa ho leng hobe pela mahlo a Jehova.