BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 20:6-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Jehova, Modimo wa bontata rona, na hase wena Modimo mahodimong? Na hase wena o busang mebuso yohle ya lefatshe? Na matla le bonatla ha di letsohong la hao, hore ho se be motho ya ka o hlolang?

7. Na hase wena, Modimo wa rona, o neng o falatse baahi ba lefatshe lena pela setjhaba sa hao sa Iseraele, o bileng wa le nea ditloholo tsa Abrahama, motswalle wa hao, hore e be la tsona kamehla na?

8. Ba fedile ba ahile teng, ba bile ba o hahetse sehalalelo teng, hore e be sa lebitso la hao, ba re:

9. Ha re ka tshoha re hlahelwa ke kotsi, kapa ke lerumo, kapa kahlolo, leha e le lefu la sewa, kapa tlala, re tla nne re itlhahise pela ntlo ena le pela hao, etswe lebitso la hao le le tlung ena, mme re tla howeletsa ho wena re le mahareng a mahlomola a rona, mme o tla re mamela, o be o re pholose!

10. Bona jwale, bana ba Ammone le Bamoabe le ba thaba ya Seire, e leng bao a sa kang wa dumella Baiseraele ho kena ha bona, mohla ba tswang lefatsheng la Egepeta, ba mpa ba ba fapoha, mme ba se ke ba ba timetsa,

11. bona, ke bana ba tlile ho re putsa ka ho tla re leleka fatsheng la hao leo o re neileng lona, re tle re le rue.

12. Oho, Modimo wa rona, na o ke ke wa ba ahlola na? Hobane ha ho matla ka ho rona a ho lwana le sera seno se seholohadi se re futuhelang; hape ha re tsebe hore na e ka kgona re etseng? empa mahlo a rona a tadimile wena.

13. Bajuda bohle ba ema jwalo pela Jehova, hammoho le bana ba bona ba banyenyane, le basadi ba bona le bara ba bona.

14. Jwale, moya wa Jehova wa tlela Jahasiele, mora Sakaria, mora Benaia, mora Jeiele, mora Matthania, Molevi, wa bara ba Asafe, wa mo tshwara hara phutheho.