BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 20:31-37 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

31. Josafate a nna a busa Juda. O ne a le dilemo tse mashome a mararo a metso e mehlano ha a qala ho busa, mme a busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Asuba, moradi wa Shilhi.

32. A nna a tsamaya ka mehlala ya Asa ntatae, a se ke a e kgeloha, a nna a etsa tse lokileng pela mahlo a Jehova.

33. Feela, dinqalo tse diphahameng ha di a ka tsa tloswa, hobane setjhaba se ne se eso ho sekamise dipelo tsa sona ho batla Modimo wa bontata sona.

34. Haele ditaba tse ding tsa Josafate, tsa ho qala le tsa ho qetela, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa Jehu, mora Hanani, e neng e kenngwe bukeng ya marena a Iseraele.

35. Kamora tseo, Josafate, morena wa Juda, a ikopanya le Akasia, morena wa Iseraele, ya neng a phela ka bokgopo;

36. a ikopanya le yena ho etsa dikepe tse tla ya Tarshishe, mme ba etsa dikepe Etsione-Gebere.

37. Empa Eliesere, mora Dodava, wa Maresha, a porofetela Josafate, a re: Erekaha o ikopantse le Akasia, Jehova o se a sentse mosebetsi wa hao. Yaba dikepe di a robeha, tsa sitwa ho ya Tarshishe.