BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 20:3-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Josafate a tshoha, a hla a batla Jehova, mme a tsebisa Bajuda bohle hore ba itime dijo.

4. Yaba Bajuda ba phuthehela ho rapela Jehova, mme ha tsuwa metseng yohle ya Juda ho tla batla Jehova.

5. Josafate a ema phuthehong ya Juda le Jerusalema, tlung ya Jehova, pela mathule a matjha, a re:

6. Jehova, Modimo wa bontata rona, na hase wena Modimo mahodimong? Na hase wena o busang mebuso yohle ya lefatshe? Na matla le bonatla ha di letsohong la hao, hore ho se be motho ya ka o hlolang?

7. Na hase wena, Modimo wa rona, o neng o falatse baahi ba lefatshe lena pela setjhaba sa hao sa Iseraele, o bileng wa le nea ditloholo tsa Abrahama, motswalle wa hao, hore e be la tsona kamehla na?

8. Ba fedile ba ahile teng, ba bile ba o hahetse sehalalelo teng, hore e be sa lebitso la hao, ba re:

9. Ha re ka tshoha re hlahelwa ke kotsi, kapa ke lerumo, kapa kahlolo, leha e le lefu la sewa, kapa tlala, re tla nne re itlhahise pela ntlo ena le pela hao, etswe lebitso la hao le le tlung ena, mme re tla howeletsa ho wena re le mahareng a mahlomola a rona, mme o tla re mamela, o be o re pholose!

10. Bona jwale, bana ba Ammone le Bamoabe le ba thaba ya Seire, e leng bao a sa kang wa dumella Baiseraele ho kena ha bona, mohla ba tswang lefatsheng la Egepeta, ba mpa ba ba fapoha, mme ba se ke ba ba timetsa,

11. bona, ke bana ba tlile ho re putsa ka ho tla re leleka fatsheng la hao leo o re neileng lona, re tle re le rue.

12. Oho, Modimo wa rona, na o ke ke wa ba ahlola na? Hobane ha ho matla ka ho rona a ho lwana le sera seno se seholohadi se re futuhelang; hape ha re tsebe hore na e ka kgona re etseng? empa mahlo a rona a tadimile wena.

13. Bajuda bohle ba ema jwalo pela Jehova, hammoho le bana ba bona ba banyenyane, le basadi ba bona le bara ba bona.

14. Jwale, moya wa Jehova wa tlela Jahasiele, mora Sakaria, mora Benaia, mora Jeiele, mora Matthania, Molevi, wa bara ba Asafe, wa mo tshwara hara phutheho.

15. A re: Mamelang, lona, Bajuda bohle, le lona, baahi ba Jerusalema, le wena, morena Josafate! Ho itswe ke Jehova: Se tshabeng, mme le se ke la tepeletswa ke sera se seholohadi seno, hobane ntwa hase ya lona, ke ya Modimo.

16. Hosasane, le theoheleng ho bona; ke bane, ba ya hlwa ka moepa wa Tsitse; le tla teana le bona phellong ya sekgutlo, maloka le lefeella la Jeruele.

17. Le ke ke la tshwanela ho lwana ntweng ena; le mpe le hlahe, mme le ikemele hona teng, le tle le bone poloko ya Jehova ya nang le lona. Oho, lona Bajuda, le ba Jerusalema, se tshabeng, le se ke la tepella. Hosasane, le tswele ho bona, hobane Jehova o tla ba le lona.

18. Yaba Josafate o inamisa sefahleho, a se kobotetsa fatshe, le Bajuda le baahi ba Jerusalema ba itihela pela Jehova, ba kgumamela Jehova.