BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 20:19-34 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Balevi ba bara ba Bakehathe le ba bara ba Bakore ba ema ho boka Jehova, Modimo wa Iseraele, ka mantswe a maholo, a phahameng.

20. Ba tsoha e sa le hosasa, mme ba tswela nqa lefeelleng la Tekowa; ba re ba sa tswa, Josafate a ema, a re: Mmameleng, lona Bajuda, le lona baahi ba Jerusalema! Ke re: Tshepang Jehova, Modimo wa lona, le tle le tiye; le dumele baporofeta ba hae, le tle le atlehe.

21. A etsa morero le setjhaba; yaba o bea dibini tse tla binela Jehova di apere ka bokgabane bo kgethehileng, di eteletse makgotla pele, di re: Bokang Jehova, hobane mohau wa hae o hlola ka ho sa feleng!

22. Ba re ba sa qala ho etsa dipina le dithoko, Jehova a bea balalli ba ho lwantsha bana ba Ammone le Bamoabe le ba thaba ya Seire ba futuhetseng Bajuda; mme ba hlolwa.

23. Bana ba Ammone le Bamoabe ba lwantsha ba ahileng thabeng ya Seire ho ba neela anathema le ho ba timetsa; mme eitse hobane ba qetele ho timetsa baahi ba Seire, ba tlatsana ho timetsana ba nnotshi.

24. Eitse ha Bajuda ba fihla phahameng, moo lefeella le ka bonwang teng, ba tadima nqa sereng, mme ba bona e le ditopo tse rapaletseng fatshe, ho se le a mong ya phonyohileng.

25. Eitse ha Josafate le setjhaba sa hae ba tla ho hapa kgapo, ba fumana diphahlo tse ngata mahareng a ditopo le mesebetsi ya bohlokwa; ba ikgapela yona, ba ba ba sitwa ho e jara, ba qeta matsatsi a mararo ba ntse ba thotha thepa, hobane e ne e le kgolo.

26. Ka tsatsi la bone, ba phuthehela sekgutlong sa Beraka, mme teng ba boka Jehova; ke kahoo sekgutlo seo se reilweng lebitso la Beraka (poko), le kajeno ke lona.

27. Yaba batho ba Juda le ba Jerusalema ba kgutla, ba boela Jerusalema ka thabo, Josafate a ba eteletse pele; hobane Jehova a ne a ba thabisitse ka ho ba namolela direng tsa bona.

28. Ba kena Jerusalema, ka tlung ya Modimo, ka diviole le diharepa le diterompeta.

29. Letsoso la Modimo la wela mebuso yohle ya mafatshe a kamathoko, ha e utlwa kamoo Jehova a lwantshitseng dira tsa Iseraele kateng.

30. Mmuso wa Josafate wa phomola, mme Modimo wa hae wa mo nea phomolo ka nqa tsohle.

31. Josafate a nna a busa Juda. O ne a le dilemo tse mashome a mararo a metso e mehlano ha a qala ho busa, mme a busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Asuba, moradi wa Shilhi.

32. A nna a tsamaya ka mehlala ya Asa ntatae, a se ke a e kgeloha, a nna a etsa tse lokileng pela mahlo a Jehova.

33. Feela, dinqalo tse diphahameng ha di a ka tsa tloswa, hobane setjhaba se ne se eso ho sekamise dipelo tsa sona ho batla Modimo wa bontata sona.

34. Haele ditaba tse ding tsa Josafate, tsa ho qala le tsa ho qetela, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa Jehu, mora Hanani, e neng e kenngwe bukeng ya marena a Iseraele.