BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 19:7-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Le ke le tshabe Jehova ho qala jwale, le etse ka kelello, hobane Jehova, Modimo wa rona, ha a na bokgopo, ha a ye ka tshobotsi ya batho, mme ha a amohele dimpho.

8. Eitse hobane ho kgutlelwe Jerusalema, Josafate a boela a bea Balevi Jerusalema le baprista le dihlooho tsa matlo a bontata Baiseraele, ho tshwara dikahlolo tsa Jehova le dinyewe.

9. A ba laela, a re: Le ke le etse ka botshepehi le ka pelo e phethehileng, le ntse le tshaba Jehova.