BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 19:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Josafate, morena wa Juda, a kgutlela hae Jerusalema ka kgotso.

2. Jehu, mora Hanani, seboni, a ya mo kgahlanyetsa, a re ho morena Josafate: Na ke tshwanelo hore o thuse e mobe, mme o rate ba hloileng Jehova na? Jehova o o halefetse ka baka la tseo.

3. Leha ho le jwalo, ho kile ha fumanwa ntho tse ntle ho wena, tsa kamoo o fedisitseng diashera kateng lefatsheng, le kamoo o sekamisitseng pelo ya hao kateng hore e batle Modimo.

4. Josafate a dula Jerusalema; a boela a tswa, a ya le setjhaba, ho tloha Beerseba ho ya kgutla thabeng ya Efraime, mme a sokollela batho ho Jehova, Modimo wa bontata bona.

5. A bea baahlodi naheng ya Juda, metseng yohle ya yona ya diqhobosheane, motseng o mong le o mong.

6. A re ho baahlodi: Bonang, seo le se etsang: hobane ha le na ho ahlolela motho, empa e le Jehova; o tla ba le lona tabeng tsohle tseo le tla di ahlola.

7. Le ke le tshabe Jehova ho qala jwale, le etse ka kelello, hobane Jehova, Modimo wa rona, ha a na bokgopo, ha a ye ka tshobotsi ya batho, mme ha a amohele dimpho.

8. Eitse hobane ho kgutlelwe Jerusalema, Josafate a boela a bea Balevi Jerusalema le baprista le dihlooho tsa matlo a bontata Baiseraele, ho tshwara dikahlolo tsa Jehova le dinyewe.