BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 18:26-34 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

26. Ho itswe ke morena: Kenyang monna enwa teronkong, le mo fepe bohobe ba matshwenyeho le metsi a matshwenyeho, ke be ke boye ka kgotso.

27. Mikea a re: Ha o ka boya ka kgotso, etlaba Jehova ha a ka a bua ka nna. Hape a re: Utlwang tsena, lona setjhaba sohle!

28. Yaba morena wa Iseraele o futuhela Ramothe-Gileade, a ena le Josafate, morena wa Juda.

29. Morena wa Iseraele a re ho Josafate: Nke ke ikgakanye, ke ye jwalo ntweng; wena, o apare kobo tsa hao. Morena wa Iseraele a ikgakanya, mme ba kena ntweng.

30. Haele morena wa Siria, o ne a laetse balaodi ba makoloi ao a nang le wona, a re: Le se ke la lwantsha e monyenyane, kapa e moholo, haese morena wa Iseraele a nnotshi.

31. Eitse ha balaodi ba makoloi ba bona Josafate, ba re: Ruri morena wa Iseraele ke eo. Ba kgelohela ho ya mo lwantsha; empa Josafate a meketsa; Jehova a mo thusa, mme Modimo wa ba hlohlelletsa hore ba mo tlohele.

32. Eitse ha balaodi ba makoloi ba bona hobane hase morena wa Iseraele, ba mo kgutlela.

33. E mong a fula ka seqha sa hae a sa kgethe, mme a hlaba morena wa Iseraele makopanong a tshireletso ya sefuba. Akabe a re ho ya tsamaisang koloi: Sokolla koloi, o nntshe ntweng, hobane ke hlabilwe.

34. Ntwa ya befa tsatsing leo, mme morena wa Iseraele a ema koloing ya hae, mabapa le Basiria, ya ba ya eba mantsiboya; a shwa nakong ya ho dikela ha letsatsi.