BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 18:18-34 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Mikea a re: Mamelang lentswe la Jehova ke hona: Ke bone Jehova a dutse teroneng ya hae, le makgotla wohle a mahodimo a eme ho le letona la hae le ho le letshehadi.

19. Jehova o itse: Ke mang ya tla thetsa Akabe, morena wa Iseraele, hore a ye ho bolaelwa Ramothe-Gileade? E mong o buile ka hore, e mong ka hore.

20. Yaba ho tla moya o mong, wa ema pela Jehova, wa re: Ke nna ke tla mo thetsa.

21. Jehova a re ho wona: Ka mokgwa ofe? Wa re: Ke tla ya, ke iketse moya wa leshano melomong ya baporofeta ba hae kaofela. A re ho wona: O tla mo thetsa, o be o hlole. Eya, o etse jwalo.

22. Bona jwale, Jehova o kentse moya wa leshano melomong ya baporofeta bao bohle ba hao, athe Jehova o boletse kotsi hodima hao.

23. Yaba Tsedekia, mora Kenaana, o atamela, a jabela Mikea lerameng, a re: Moya wa Jehova o ne o ye ka tsela efe mohla o ntlohelang hore o ye ho bua le wena?

24. Mikea a re: Ho bona, o tla bona tsatsing leo o tla itswaketsa phaposing e nngwe le e nngwe o tle o ipate teng.

25. Yaba morena wa Iseraele o re: Tshwarang Mikea, le mo ise ho Amone, monga motse, le ho Joase, mora morena, le re:

26. Ho itswe ke morena: Kenyang monna enwa teronkong, le mo fepe bohobe ba matshwenyeho le metsi a matshwenyeho, ke be ke boye ka kgotso.

27. Mikea a re: Ha o ka boya ka kgotso, etlaba Jehova ha a ka a bua ka nna. Hape a re: Utlwang tsena, lona setjhaba sohle!

28. Yaba morena wa Iseraele o futuhela Ramothe-Gileade, a ena le Josafate, morena wa Juda.

29. Morena wa Iseraele a re ho Josafate: Nke ke ikgakanye, ke ye jwalo ntweng; wena, o apare kobo tsa hao. Morena wa Iseraele a ikgakanya, mme ba kena ntweng.

30. Haele morena wa Siria, o ne a laetse balaodi ba makoloi ao a nang le wona, a re: Le se ke la lwantsha e monyenyane, kapa e moholo, haese morena wa Iseraele a nnotshi.

31. Eitse ha balaodi ba makoloi ba bona Josafate, ba re: Ruri morena wa Iseraele ke eo. Ba kgelohela ho ya mo lwantsha; empa Josafate a meketsa; Jehova a mo thusa, mme Modimo wa ba hlohlelletsa hore ba mo tlohele.

32. Eitse ha balaodi ba makoloi ba bona hobane hase morena wa Iseraele, ba mo kgutlela.

33. E mong a fula ka seqha sa hae a sa kgethe, mme a hlaba morena wa Iseraele makopanong a tshireletso ya sefuba. Akabe a re ho ya tsamaisang koloi: Sokolla koloi, o nntshe ntweng, hobane ke hlabilwe.

34. Ntwa ya befa tsatsing leo, mme morena wa Iseraele a ema koloing ya hae, mabapa le Basiria, ya ba ya eba mantsiboya; a shwa nakong ya ho dikela ha letsatsi.