BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 18:11-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Baporofeta bohle ba ne ba porofeta jwalo, ba re: Nyolohela Ramothe-Gileade; o tla atleha, Jehova o tla o neela matsohong a morena.

12. Haele lenqosa le ileng ho bitsa Mikea, la re ho yena: Bona, baporofeta ba ntswe leng ho bolella morena molemo. Ke re, lentswe la hao le lona le be jwaloka lentswe la e mong le e mong wa bona, o bolele molemo.

13. Mikea a re: Ka Jehova ya utlwang, seo Modimo wa ka o tla mpolella sona, ke sona seo ke tla se bolela.

14. Yaba o fihla ho morena, mme morena a re ho yena: Mikea, na re tla futuhela Ramothe-Gileade kapa ke lese na? A re ho yena: Futuhang, le tla atleha, ba tla neelwa matsohong a lona!

15. Morena a re ho yena: Ke tla o antsha ho isa kae hore o mpolelle nnete feela ka lebitso la Jehova?

16. Mikea a re: Ke bone Baiseraele bohle ba qhalane dithabeng, jwaloka dinku tse se nang modisa; Jehova o re: Ha ba na morena; e mong le e mong a ipoelle hae ka kgotso!

17. Yaba morena wa Iseraele o re ho Josafate: Ana ha ke a ka ka o bolella ka re, a ke ke a mporofetela molemo, e tla ba bobe feela?

18. Mikea a re: Mamelang lentswe la Jehova ke hona: Ke bone Jehova a dutse teroneng ya hae, le makgotla wohle a mahodimo a eme ho le letona la hae le ho le letshehadi.