BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 18:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Josafate a atelwa ke leruo le kganya, mme a nyallana le Akabe.

2. Kamora dilemo tse itseng, a theohela ho Akabe, Samaria. Akabe a mo hlabela yena le setjhaba seo a ileng le sona manku le makgomo a mangata, mme a mo hlohlelletsa ho futuhela Ramothe-Gileade.

3. Akabe, morena wa Iseraele, a re ho Josafate, morena wa Juda: Na o tla ya le nna Ramothe-Gileade na? Josafate a re: Ke ka wena, le setjhaba sa ka se ka setjhaba sa hao; re tla futuha le wena.

4. Josafate a re ho morena wa Iseraele: Ako botse molomo wa Jehova pele.

5. Morena wa Iseraele a bokanya baporofeta, e le banna ba makgolo a mane, a re ho bona: Hleka re tla futuhela Ramothe-Gileade, kapa ke lese na? Ba re: Nyoloha, Modimo o tla o neela matsohong a morena.

6. Josafate a re: Ana ha ho sa le mporofeta wa Jehova mona, eo re ka mmotsang na?

7. Morena wa Iseraele a re ho Josafate: Ho sa na le monna e mong eo re ka botsang Jehova ka yena; empa ke mo hloile, kahobane ha a mporofetele molemo, empa e le bobe; ke Mikea, mora Jimla. Josafate a re: Morena a se ke a rialo.

8. Ebile morena wa Iseraele o bitsa tona, a re: Phakisa o mpitsetse Mikea, mora Jimla.

9. Morena wa Iseraele le Josafate, morena wa Juda, ba ne ba dutse e mong le e mong teroneng ya hae; ba ne ba dutse lekgotleng le kgorong ya Samaria, mme baporofeta bohle ba ne ba ntse ba porofeta pela bona.

10. Tsedekia, mora Kenaana, o ne a iketseditse dinaka tsa tshepe, a re: Jehova o re: Ka tsena o tla thula Basiria, o be o ba qete.

11. Baporofeta bohle ba ne ba porofeta jwalo, ba re: Nyolohela Ramothe-Gileade; o tla atleha, Jehova o tla o neela matsohong a morena.