BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 17:7-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Ka selemo sa boraro sa ho busa ha hae, a roma mahosana a hae, boBene-Haile, Obadia, Sakaria, Nethaneele, le Mikea, hore ba ye ho ruta metseng ya Juda;

8. ba ya ba ena le Balevi Shemaia, Nethania, Sebadia, Asaele, Shemiramothe, Jonathane, Adonija, Tobija, le Tob-Adonija, Balevi, hape ba ena le baprista Elishama le Jorame.

9. Ba ya le naha ya Juda ba ntse ba ruta, ba tshwere buka ya molao wa Jehova, mme ba ya le metse yohle ya Juda, ba ntse ba ruta setjhaba.

10. Letsoso la Jehova la wela mebuso yohle ya mafatshe a teetseng Juda hare, e tle e se ke ya futuhela Josafate.

11. Esita le Bafilesta ba bang ba tlisetsa Josafate dinyehelo le ditjhelete tsa lekgetho; le Baarabe ba mo tlisetsa dinku, e le dipheleu tse dikete tse supileng tse nang le makgolo a supileng le diphooko tse dikete tse supileng tse nang le makgolo a supileng.

12. Josafate a ya a ntse a hola, a ba a phahama haholo. A haha diqhobosheane le metse ya mediko naheng ya Juda.