BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 16:5-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Eitse ha Baesha a utlwa tseo, a lesela ho haha Rama, mme a tlohela mosebetsi oo wa hae.

6. Yaba morena Asa o ya le Bajuda kaofela, ba nka majwe le difate tseo Baesha a neng a haha Rama ka tsona, mme ka tsona a haha Geba le Mitspe.

7. Mohlang oo, Hanani seboni a tla ho Asa, morena wa Juda, a re ho yena: Erekaha u itshetlehile ka morena wa Siria, mme o sa ka wa itshetleha ka Jehova, Modimo wa hao, ka baka leo, makgotla a morena wa Siria a o phonyohetse.

8. Ha ke re, Baethiopia le Balibia e ne e le sera se seholo se nang le makoloi le bapalami ba bangatangata? Leha ho le jwalo, kahobane o ne o itshetlehile ka Jehova, a ba neela matsohong a hao.

9. Ruri, mahlo a Jehova a qamaka lefatsheng lohle hore a emele bao pelo tsa bona e leng tsa hae kaofela. O entse ka bothoto; hobane ho qala jwale, o tla nne o hlahelwe ke dintwa.

10. Empa Asa a halefela seboni, mme a se hlahlela teronkong, kahobane a ne a se hlonametse ka baka la taba tsa sona. Hape, hona mohlang oo, Asa a tuba ba bang ba setjhaba.

11. Haele ditaba tsa Asa, tsa ho qala le tsa ho qetella, bonang, di ngodilwe bukeng ya marena a Juda le Iseraele.

12. Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robileng mono o le mong sa ho busa ha hae, Asa a jewa ke maoto, mme bohloko boo ba hae ba befa haholo; empa le bohlokong boo, ha a ka a batla Jehova, a mpa a batla dingaka.