BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 16:2-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Yaba Asa o ntsha silefera le kgauta bobolokelong ba ntlo ya Jehova le ba ntlo ya morena, a di romela ho Ben-Hadade, morena wa Siria, ya ahileng Damaseka, a re:

3. Selekane se teng mahareng a ka le wena, jwalokaha se ne se le teng mahareng a ntate le ntatao. Bona, ke o romela silefera le kgauta; tloo, o kgaole selekane sa hao le Baesha, morena wa Iseraele, a tle a ntlohele.

4. Ben-Hadade a mamela morena Asa, mme a roma balaodi ba makgotla a hae ho lwantsha metse ya Iseraele, mme ba kena Ijone, le Dane, le Abele-Maime, le metse yohle ya mediko ya Nefthali.

5. Eitse ha Baesha a utlwa tseo, a lesela ho haha Rama, mme a tlohela mosebetsi oo wa hae.

6. Yaba morena Asa o ya le Bajuda kaofela, ba nka majwe le difate tseo Baesha a neng a haha Rama ka tsona, mme ka tsona a haha Geba le Mitspe.

7. Mohlang oo, Hanani seboni a tla ho Asa, morena wa Juda, a re ho yena: Erekaha u itshetlehile ka morena wa Siria, mme o sa ka wa itshetleha ka Jehova, Modimo wa hao, ka baka leo, makgotla a morena wa Siria a o phonyohetse.

8. Ha ke re, Baethiopia le Balibia e ne e le sera se seholo se nang le makoloi le bapalami ba bangatangata? Leha ho le jwalo, kahobane o ne o itshetlehile ka Jehova, a ba neela matsohong a hao.

9. Ruri, mahlo a Jehova a qamaka lefatsheng lohle hore a emele bao pelo tsa bona e leng tsa hae kaofela. O entse ka bothoto; hobane ho qala jwale, o tla nne o hlahelwe ke dintwa.