BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 16:1-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ka selemo sa mashome a mararo a metso e tsheletseng sa ho busa ha Asa, Baesha, morena wa Iseraele, a futuhela Juda, mme a haha Rama, hore ho tle ho se ke ha eba motho wa Asa, morena wa Juda, ya dumellwang ho tswa le ho kena.

2. Yaba Asa o ntsha silefera le kgauta bobolokelong ba ntlo ya Jehova le ba ntlo ya morena, a di romela ho Ben-Hadade, morena wa Siria, ya ahileng Damaseka, a re:

3. Selekane se teng mahareng a ka le wena, jwalokaha se ne se le teng mahareng a ntate le ntatao. Bona, ke o romela silefera le kgauta; tloo, o kgaole selekane sa hao le Baesha, morena wa Iseraele, a tle a ntlohele.

4. Ben-Hadade a mamela morena Asa, mme a roma balaodi ba makgotla a hae ho lwantsha metse ya Iseraele, mme ba kena Ijone, le Dane, le Abele-Maime, le metse yohle ya mediko ya Nefthali.