BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 15:17-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Empa dinqalo tse diphahameng ha di a ka tsa tloswa Iseraeleng; leha ho le jwalo, pelo ya Asa ya eba ya Jehova kaofela ha yona ka ditshiu tsohle tsa ho phela ha hae.

18. A tlisa ka tlung ya Modimo dintho tseo ntatae a neng a di kgethetse Jehova, le tseo a neng a di kgethile e le yena, e le silefera, le kgauta, le dipitsa.

19. Ntwa ya nna ya eba siyo ho isa selemong sa mashome a mararo a metso e mehlano sa ho busa ha Asa.