BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 15:1-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba moya wa Jehova o tlela Asaria, mora Odede;

2. a tswela ho ya kgahlanyetsa Asa, a re ho yena: Asa, le lona Bajuda bohle le Benjamine, mmameleng. Jehova o na le lona mohla lona le nang le yena. Ha le ka nna la mmatla, o tla nne a fumanwe ke lona: mme ha le ka mo furalla, o tla le furalla le yena.

3. Ka tshiu tse ngata, Baiseraele ha ba ka ba eba le Modimo wa nnete, leha e le moprista ya rutang, leha e le molao;

4. enereha ba le tsietsing, ba ne ba sokolohela ho Jehova, Modimo wa Iseraele, ba ne ba mmatla, mme o ne a fumanwa ke bona.

5. Mehleng eo, ho ne ho se kgotso ho ba yang le ho ba boyang, hobane meferefere e mengata e ne e le teng ho bohle ba ahileng lefatsheng;

6. mme setjhaba se seng se ne se thulana le setjhaba se seng, motse o mong o thulane le motse o mong; hobane Modimo o ne o ba ferekanya ka mahlomola a mangata a mefuta.

7. Haele lona, ipheng matla, mme matsoho a lona a se ke a tepella; hobane moputso o tla ba teng bakeng sa seo le se etsang.

8. Eitse ha Asa a utlwa mantswe ao le boporofeta ba Odede moporofeta, a ipha matla, a fedisa manyala lefatsheng lohle la Juda le la Benjamine, le metseng eo a neng a e nkile thabeng ya Efraime, mme a tsosa aletare ya Jehova e pela mathule a Jehova.

9. Yaba o bokella Bajuda bohle le Babenjamine, le batho ba Efraime, le ba Manasse le ba Simeone ba neng ba jakile ho bona, etswe Baiseraele ba bangata ba ne ba falletse ho yena ha ba bona hoba Jehova, Modimo wa hae, o na le yena.

10. Ba phuthehela Jerusalema ka kgwedi ya boraro ya selemo sa leshome le metso e mehlano sa ho busa ha Asa.

11. Tsatsing leo, ba hlabela Jehova dintho tse ding tsa kgapo eo ba tlileng le yona, e le dikgomo tse makgolo a supileng, le dinku tse dikete tse supileng.

12. Ba itlama pela Jehova ka selekane sa hore ba tla batla Jehova, Modimo wa bontata bona, ka pelo yohle le ka moya wohle;

13. ha thwe: Mang le mang ya sa batleng Jehova, Modimo wa Iseraele, o tla bolawa, e monyenyane kapa e moholo, mosadi kapa monna.

14. Ba itlama ka kano ho Jehova ka mantswe a tlerolang le ka ditlatse, ka diterompeta le ka diphala.