BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 13:2-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. A busa Jerusalema ka lemo tse tharo; lebitso la mmae e ne e le Mikaia, moradi wa Uriele wa Gibea.

3. Ntwa ya eba teng mahareng a Abija le Jeroboame. Abija yena a futuha a ena le sera sa bahlabani ba dikete tse makgolo a mane ba kgethilweng; Jeroboame le yena a ya hlopholla ntwa ya hae ya bahlabani ba bohale ba dikete tse makgolo a robileng meno e le mmedi ba kgethilweng.

4. Abija a ema qhoweng ya thaba ya Tsemaraime, e dithabeng tsa Efraime, a re: Nkutlweng, wena Jeroboame le lona Baiseraele bohle.

5. Na ha le a tshwanela ho tsebisisa hoba Jehova, Modimo wa Iseraele, o ne a nee Davida borena ba Iseraele ka ho sa feleng, a bo nea yena le bara ba hae, ka selekane se se nang ho tlolwa na?

6. Empa Jeroboame, mora Nebathe, mohlanka wa Salomone, mora Davida, o eme, mme o kwenehetse monga hae;

7. batho ba lefeela, bara ba Beliale, ba phuthehetse ho yena, mme ba hlotse Roboame, mora Salomone. Athe Roboame o ne a sa le monyenyane, a le pelo e boi, mme o hlokile matla pela bona.

8. Mme jwale, le re, le tla fenya mmuso wa Jehova o matleng a bara ba Davida. Efela le batho ba bangata, mme le bile le na le manamane a kgauta ao Jeroboame a le etseditseng medimo ka wona.

9. Ana ha le a ka la leleka baprista ba Jehova, e leng bara ba Aarone le Balevi, mme le iketseditse baprista ka mokgwa wa ditjhaba tsa mafatshe a mang na? Mang le mang ya itlisitseng, a ena le pohwana le dipheleu tse supileng, a tle a kgethelwe boprista, o entswe moprista wa seo e seng Modimo.

10. Haele rona, Jehova ke Modimo wa rona; ha re a mo furalla; baprista ba etsang tshebeletso ya Jehova ke bara ba Aarone, le bona Balevi ba mosebetsing wa bona;

11. ka hosasa ho hong le ho hong le ka mantsiboya a mang le a mang, re tjhesetsa Jehova ditjheso le dibano tse monko o monate. Hape, re lokisa mahobe a pontsha tafoleng e hlwekileng, re hotetsa le kandelare ya kgauta le dilampi tsa yona ka shwalane e nngwe le e nngwe. Hobane re fela re boloka seo Jehova, Modimo wa rona, a itseng re se boloke; empa lona, le mo furaletse.

12. Bonang hle, Modimo o na le rona, o re eteletse pele le baprista ba tshwereng diterompeta tse tlerolang tsa ho le letsetsa. Oho, bana ba Iseraele, le se ka la lwantsha Jehova, Modimo wa bontata lona, hobane le ke ke la atleha.

13. Empa Jeroboame a isa ba lallang maraong a Bajuda; haele yena a ema mabapa le Bajuda, mme ba laletseng ba eba kamora bona.