BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 13:12-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Bonang hle, Modimo o na le rona, o re eteletse pele le baprista ba tshwereng diterompeta tse tlerolang tsa ho le letsetsa. Oho, bana ba Iseraele, le se ka la lwantsha Jehova, Modimo wa bontata lona, hobane le ke ke la atleha.

13. Empa Jeroboame a isa ba lallang maraong a Bajuda; haele yena a ema mabapa le Bajuda, mme ba laletseng ba eba kamora bona.

14. Eitse ha Bajuda ba reteleha, ba bona ntwa e ba tlela kapele le kamorao. Yaba ba howeletsa ho Jehova; baprista ba letsa diterompeta;

15. batho ba Juda ba etsa ditlatse; ha batho ba Juda ba etsa ditlatse, Jehova a qhala Jeroboame le Baiseraele bohle pela Abija le Juda;

16. bana ba Iseraele ba baleha pela Bajuda, mme Modimo wa ba neela matsohong a bona.

17. Abija le batho ba hae ba ba bolaya jwalo ka polao e kgolo, ha ba ha wa ho Baiseraele batho ba kgethilweng ba dikete tse makgolo a mahlano.

18. Bana ba Iseraele ba kokobetswa jwalo mohlang oo, mme bana ba Juda ba hlola, ka baka la hobane ba ne ba itshetlehile ka Jehova, Modimo wa bontata bona.