BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 12:13-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Morena Roboame a ipha matla Jerusalema, a nna a busa; o ne a le dilemo tse mashome a mane a motso o mong, ha a qala ho busa, a busa ka dilemo tse leshome le metso e supileng Jerusalema, e leng motse oo Jehova a neng a o kgethile hara meloko yohle ya Iseraele, ho bea lebitso la hae ho wona. Lebitso la mmae e ne e le Naama, Moammone.

14. A mpa a nna a etsa ho leng hobe, a se ke a sekamisetsa pelo ya hae ho batla Jehova.

15. Haele ditaba tsa Roboame, tsa ho qala le tsa ho qetella, ha ke re, di ngodilwe dibukeng tsa Shemaia moporofeta le tsa Iddo seboni, dibukeng tsa meloko? Ntwa ya nna ya eba teng mahareng a Roboame le Jeroboame tshiung tsohle tsa bona.

16. Roboame a orohela ho bontatae, a patwa motseng wa Davida; mme Abija, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.