BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 10:5-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. A re ho bona: Boelang ho nna kamora ditshiu di le tharo. Mme setjhaba sa ya.

6. Yaba morena Roboame o botsa banna ba baholo ba neng ba eme pela ntatae Salomone, ha a sa phela, a re: Nkeletseng, taba ke efe eo ke tla araba setjhaba sena ka yona na?

7. Ba mmolella, ba re: Ha o ka etsetsa setjhaba seo molemo, wa ba kgahlisa, wa ba bolella mantswe a molemo, teng e tla ba bahlanka ba hao kamehla.

8. A mpa a lesa keletso eo banna ba baholo ba mo eleditseng ka yona, a ya botsa banna ba batjha, ba neng ba hodile le yena, ba emeng pela hae,

9. a re ho bona: Le tla nnea keletso efe, mme re tla araba setjhaba ka efe karabo, kamoo se mpoleletseng kateng, sa re: Qephisa joko eo ntatao a neng a re jarisitse yona?

10. Banna ba Egepeta batjha, ba neng ba hodile le yena, ba mmolella, ba re: Ere ho setjhaba sena se o boleletseng, sa re: Ntatao o ne a re jarisitse joko e boima; wena, o re qephisetse yona; ere ho bona: monwana wa ka o monyenyane o motenya ho ena le letheka la ntate.

11. Ha ntate a le jarisitse joko e boima, nna ke tla eketsa boima ba joko ya lona; ha ntate a le otlile ka diphafa nna ke tla le otla ka diphepheng.

12. Ka la boraro, ha tla Jeroboame le setjhaba kaofela ho Roboame, kamoo morena a neng a itse kateng: Le tle le boele ho nna ka la boraro.

13. Morena a ba araba ka thata; morena Roboame a lesa keletso ya banna ba baholo,

14. a bua le bona ka keletso ya banna ba batjha, a re: Ntate o ne a le jarisitse joko e boima, nna ke tla e ekeletsa; ntate yena o le otlile ka diphafa, nna ke tla le otla ka diphepheng.

15. Ha ho le jwalo, morena ha a ka a mamela setjhaba; hoo empa ho ne ho hlahisitswe ke Modimo, hore Jehova a tle a phethisise lentswe leo a neng a le buile ka Akija wa Silo ho Jeroboame, mora Nebathe.

16. Ha Baiseraele bohle ba bona hobane morena ha a ba mamele, setjhaba sa fetola morena, sa re: Kabelo ya rona ke efe ho Davida? le lefa ha re na lona ho mora Jese. Weleng, Baiseraele, ikeleng tenteng tsa lona! Davida, iponele ntlo ya hao! Yaba Baiseraele bohle ba ikela tenteng tsa bona.