BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 10:10-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Banna ba Egepeta batjha, ba neng ba hodile le yena, ba mmolella, ba re: Ere ho setjhaba sena se o boleletseng, sa re: Ntatao o ne a re jarisitse joko e boima; wena, o re qephisetse yona; ere ho bona: monwana wa ka o monyenyane o motenya ho ena le letheka la ntate.

11. Ha ntate a le jarisitse joko e boima, nna ke tla eketsa boima ba joko ya lona; ha ntate a le otlile ka diphafa nna ke tla le otla ka diphepheng.

12. Ka la boraro, ha tla Jeroboame le setjhaba kaofela ho Roboame, kamoo morena a neng a itse kateng: Le tle le boele ho nna ka la boraro.

13. Morena a ba araba ka thata; morena Roboame a lesa keletso ya banna ba baholo,

14. a bua le bona ka keletso ya banna ba batjha, a re: Ntate o ne a le jarisitse joko e boima, nna ke tla e ekeletsa; ntate yena o le otlile ka diphafa, nna ke tla le otla ka diphepheng.

15. Ha ho le jwalo, morena ha a ka a mamela setjhaba; hoo empa ho ne ho hlahisitswe ke Modimo, hore Jehova a tle a phethisise lentswe leo a neng a le buile ka Akija wa Silo ho Jeroboame, mora Nebathe.

16. Ha Baiseraele bohle ba bona hobane morena ha a ba mamele, setjhaba sa fetola morena, sa re: Kabelo ya rona ke efe ho Davida? le lefa ha re na lona ho mora Jese. Weleng, Baiseraele, ikeleng tenteng tsa lona! Davida, iponele ntlo ya hao! Yaba Baiseraele bohle ba ikela tenteng tsa bona.

17. Haele bana ba Iseraele ba neng ba ahile metseng ya Juda, Roboame ya eba morena wa bona.

18. Morena Roboame a roma Adorame, molaodi wa ba hlwailweng; mme bana ba Iseraele ba mo tlepetsa ka majwe, a ba a shwa. Yaba morena Roboame o itlhahanela, a kena koloing ya hae, a balehela Jerusalema.

19. Baiseraele ba kwenehela ntlo ya Davida jwalo ho fihlela la kajeno.