BIBELE e Halalelang

2 Dikronike 1:1-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Salomone, mora Davida, a tiisetswa boreneng ba hae, mme Jehova Modimo wa hae, a nna a ba le yena, a mo phahamisa haholo.

2. Salomone a bua le Baiseraele bohle, le balaodi ba dikete le ba makgolo le baahlodi, le babusisi le mahosana a Baiseraele bohle, le dihlooho tsa matlo a bontata bona.

3. Salomone, yena le phutheho yohle, ba ya nqalong e phahameng e Gibeone, moo tente ya pokano ya Modimo e neng e le teng, e neng e entswe ke Moshe, mohlanka wa Jehova, nahathothe.

4. Areka ya Modimo yona, Davida o ne a e latile Kiryathe-Jearime, a e tlisa moo a neng a e lokiseditse tulo; hobane o ne a e hlometse tente Jerusalema.

5. Haele aletare ya koporo e neng e entswe ke Betsaleele, mora Uri, mora Hure, le yona e ne e beilwe pela tabernakele ya Jehova. Salomone le phutheho ba batla Jehova.

6. Mme Salomone a nyolohela teng, pontsheng ya Jehova, aletareng ya koporo e leng pela tente ya pokano, a hlahisa ditjheso tse sekete teng.

7. Bosiung boo, Modimo wa iponahatsa ho Salomone, wa re ho yena: Kopa seo ke tla o nea sona.

8. Salomone a re ho Modimo: O etseditse ntate Davida ka lereko le leholo, o bile o mpeile morena tulong tsa hae.

9. Jwale, Jehova Modimo, a ho ke ho phethehe pallo ya hao, eo o neng o e bolelle ntate Davida; hobane o mpeile morena wa setjhaba se sengata jwaloka lerole la lefatshe.

10. Jwale ako nnee bohlale le kelello, ke tle ke tsebe ho tswa le ho boya pontsheng ya setjhaba sena; hobane ana ke mang ya ka ahlolelang tjhaba sena sa hao se sekakale?

11. Modimo wa re ho Salomone: Erekaha o hopotse jwalo pelong ya hao, o sa ka wa kopa lefumo, leha e le menono, kapa botumo, leha e le ho shwa ha dira tsa hao, o sa ka wa ikopela leha e le matsatsi a mangata, wa mpa wa ikopela bohlale le kelello, hore o tle o tsebe ho ahlolela setjhaba sa ka seo ke o beileng morena wa sona,

12. ka baka leo, o se o neilwe bohlale le kelello; ke o neile le lefumo, le menono, le botumo boo le pele ho esong ho be morena ya bileng le bona, le morao ho ke keng ha hlaha le a mong ya tla ba le bo bokalo.

13. Yaba Salomone o tloha nqalong e phahameng e Gibeone, tenteng ya pokano, a kgutlela Jerusalema, mme a busa Iseraeleng.

14. Salomone a ipokellela makoloi le bakalli; makoloi a hae a eba sekete se nang le makgolo a mane, bakalli ba eba kete tse leshome le metso e mmedi; mme a ba bea metseng ya makoloi le moreneng, Jerusalema.