2 Bathesalonika

  1. 1
  2. 2
  3. 3

BIBELE e Halalelang

2 Bathesalonika 3 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Bathesalonika ba kgothatswa ho rapella Evangeli, le ho arohana le ba phelang hampe, le ho sebetsa ka tshwanelo. Tumediso.

1. Haele ka tse ding, banabeso, le re rapelleng, lentswe la Morena le tle le nne le mathe, mme le tlotliswe hohle jwaloka ha heno,

2. mme re namolelwe bathong ba kgathatsang le ba lonya; hobane tumelo hase ya bohle.

3. Empa Morena o a tshepeha; ke yena ya tla le tiisa le ho le sireletsa ho e mobe.

4. Haele ka lona, re tshepile ka baka la Morena hoba le etsa tseo re le laelang tsona, le hoba le ya nne le di etse.

5. Morena a ke a lebise dipelo tsa lona leratong la Modimo le mamellong ya Kreste.

6. Re a le laela, banabeso, ka lebitso la Jesu Kreste, Morena wa rona, hore le arohane le moena ofe le ofe ya sa tsamayeng ka molao le ka thuto eo a e amohetseng ho rona.

7. Hobane le lona le tseba kamoo re tshwanetseng ho etsiswa kateng, hobane ha re a ka ra tsamaya hara lona ka mokgwa o hanwang ke molao.

8. Hape, ha re a ka ra ja bohobe ba motho feela, re mpa re sebeditse motshehare le bosiu ka thata le ka kgathalo, hore re tle re se ke ra imetsa motho hara lona.

9. E seng hoba re hloka tokelo e jwalo, empa e le ho le etsetsa mohlala, le tle le re etsise.

10. Hobane enere ha re sa le ha heno, re kile ra le laela, ra re: Ekare ha e mong a hana ho sebetsa, a se ke a ja le hona.

11. Athe re utlwa hobane ba bang ba heno ba tsamaya ka mokgwa o hanwang ke molao; ha ba sebetse, mme ba kena ditabeng tseo e seng tsa bona.

12. Ba jwalo re a ba laela, mme re ba kgothatsa ka Morena wa rona Jesu Kreste, hore ba sebetse ba kgutsitse, mme ba je bohobe boo e leng ba bona.

13. Empa lona, banabeso, le se ke la kgathala ho etsa hantle.

14. Ekare ha e mong a sa utlwe mantswe a rona a lengolo lena, eo le mo kgethe, mme le se ke la kopana le yena, a tle a be le dihlong.

15. Leha ho le jwalo, le se ke la mo etsa sera, le mpe le mo eletse ka ho re, ke ngwanabo lona.

16. Jwale, Morena wa kgotso, yena ka sebele, a nne a le fe kgotso kamehla le ka mekgwa yohle! Morena a be le lona bohle!

17. Ke le Pauluse, ke le dumedisa ka letsoho la ka; ke yona pontsho ya ka mangolong a ka wohle. Ke ngola jwalo.

18. Mohau wa Jesu Kreste, Morena wa rona, o be le lona bohle. Amen!