BIBELE e Halalelang

2 Bathesalonika 1:9-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Bao ba tla otlwa ka tshenyeho e sa feleng, ba tloswe pela Morena, le pela kganya ya matla a hae,

10. ha a etla ho tlotliswa mohlang oo bahalaleding ba hae, le ho etswa ya makatsang ka bohle ba dumetseng; hobane bopaki ba rona hara lona bo amohetswe.

11. Ke ka baka leo re le rapellang kamehla, hore Modimo wa rona o le etse ba lokelwang ke pitso ya wona, mme o phethe ka ho lona ka matla dithato tsohle tsa mosa wa wona, le mesebetsi yohle ya tumelo;

12. lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste le tle le tlotliswe ka lona, le lona le tlotliswe ho yena, ka mohau wa Modimo wa rona, le wa Jesu Kreste Morena wa rona.