BIBELE e Halalelang

2 Bakorinthe 9:10-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Ya baballang mojadi ka peo, le motho ka bohobe a tle a je, o tla le sitsa, mme a le atisetse se jalwang ke lona, mme a totise ditholwana tsa ho loka ka ho lona;

11. le tle le ene kahohle, mme le tsebe ho fana ruri, e leng ntho e tla etswa teboho ho Modimo ke rona.

12. Hobane tokiso ya tshebeletso eo ha e kgodise bohloki ba bahalaledi feela, empa hape e tla atisa diteboho tse ngata tse bewang ho Modimo.

13. Ba tla rorisa Modimo, ha ba bontshwa ka dithuso tseo hoba le na le kutlo Evangeling ya Kreste, eo le ipitsang ka yona, le hore le na le phano ya sebele ho bona, le ho bohle.

14. Ke moo ba tla le rapella, mme ba tiye ho le rata, ka baka la mohau wa Modimo o le atetseng.

15. Ho bokwe Modimo ka neo ya wona e se nang ho bolelwa.