BIBELE e Halalelang

2 Bakorinthe 9:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Haele ka thuso e etsetswang bahalaledi, ekaba ke a tlodisa ha nka le ngolla taba tsa yona;

2. hobane ke tseba tjheseho ya lona tabeng ena eo ke ntseng ke ithorisa ka lona ho ba Masedonia, ka ho re, ba Akaea ba se ba ne ba lokise le ngwahola; mme tjheseho ya lona e fela e tsositse ba bangata.

3. Mme ke romile baena, hore e se be boithoriso ba rona sebakeng sa lona bo ka fetoha lefeela bakeng seo, le mpe le fumanwe le itokisitse jwalokaha nkile ka bolela.

4. Esere, leha ba Masedonia ba ka tla le nna, mme ba le fihlela le eso ho lokise, ra tla ra hlajwa ke dihlong — ha ke sa re lona — tabeng eo re kileng ra ithorisa ka yona.

5. Ke lekantse ke hona hoba ke tshwanetse ho kgothatsa baena, hore ba ke ba ye ho lona pele, mme ba phethe tokiso ya phano ya lona eo ke e boletseng, ka re, e se e lokile, e tle e be phano ya pelo, e seng ntho e etswang ka bokgonatha.

6. Hobane taba ke yona ena: Ya jalang hanyenyane o tla kotula hanyenyane; mme ya jalang haholo le hona o tla kotula haholo.

7. E mong le e mong a ntshe kamoo a seng a lekantse pele kateng, pelong ya hae; e seng ka ho swaba, leha e le ka ho kgannwa; hobane Modimo o rata ya fanang a thabile.