BIBELE e Halalelang

2 Bakorinthe 8:9-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Hobane le tseba mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste, hoba, leha a ne a enne, o ne a iketse mofumanehi ka baka la lona, le tle le ene ka bofumanehi ba hae.

10. Ke le nea keletso tabeng eo; efela lona e le tshwanetse, hobane esale ngwahola le rakile bohle ka ho etsa le ka ho rata.

11. Jwale, phethang le hona ho etsa; hore, jwalokaha le bile mafolofolo ho rateng, le be jwalo le ho etseng, le nka ho seo le nang le sona.

12. Hobane ho rata ha ho le teng, motho o ye a natefelwe ka seo a nang le sona, e seng ka seo a se hlokang.

13. Hobane ha ho etswe hore ba bang ba bone thuso, mme lona le tsielehe; ho mpa ho etswa ka ho re, ho lekane hantle;

14. hore nala ya lona e tle e imolle bofumanehi ba bona nakong ya jwale, mme nala ya bona le yona e tle e imolle bofumanehi ba lona, ho tle ho etswe ka ho lekana;

15. jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ya neng a bokeletse haholo ha a ka a sallwa ke letho; mme ya neng a bokeletse hanyenyane ha a ka a hloka.

16. A re leboheng Modimo, o kentseng tjheseho e le nngwe pelong ya Tite le ho ya ka ka baka la lona.

17. O fela a amohetse kgothatso ya ka hantle, mme o ile ho lona a sa laelwa ke e mong, a mpa a iswa ke tjheseho ya hae.