BIBELE e Halalelang

2 Bakorinthe 8:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Banabeso, jwale re le tsebisa mohau oo Modimo o o etseditseng dikereke tsa Masedonia.

2. Ke hobane, mahareng a moleko wa mahlomola a maholo, thabo ya tsona ya nna ya eketseha, mme bofumanehi bo boholo ba tsona bo tsholotse monono wa ho fana ha bona.

3. Hobane ba ithaopile ho ntsha ka matla a bona — teng ke paki — le ka ho fetisa matla.

4. Ba re qopheletse ka merapelo e mengata, hore re no amohela ketso eo ya mohau le ho kena ha bona dithusong tse etsetswang bahalaledi.

5. Mme ha ba ka ba etsa feela kamoo re neng re lebeletse kateng, empa ba qadile ka ho ineela Morena le rona, ka thato ya Modimo.

6. Ra ba ra rapela Tite, ra re, ha a se a qadile, a fele a phethe ketso eo ya mohau hara lona.

7. Mme jwalokaha le atetswe ke tsohle, ke tumelo, ke dipolelo, ke tsebo, ke mafolofolo wohle, le ke lerato leo le re ratang ka lona, le fele le atelwe le ke ketso eo ya mohau.