BIBELE e Halalelang

2 Bakorinthe 7:9-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. jwale ke thabile, e seng kahobane le kile la swabiswa, empa e le kahobane maswabi a lona a hlahisitse pako; hobane le ile la swaba ka mokgwa o ratwang ke Modimo, mme ka mokgwa oo, ha re a ka ra le etsa hampe tabeng leha e le nngwe.

10. Hobane ho swaba ka mokgwa o ratwang ke Modimo ho hlahisa pako e pholosang, e sa bakelweng; empa ho swaba ka mokgwa wa lefatshe ho hlahisa lefu.

11. Bonang he, ha le swabile jwalo ka mokgwa o ratwang ke Modimo, e bile taba e hlahisitseng mafolofolo a makakang ka ho lona, le boitlhatsuo bo bokakang, le hlonamo e kakang, le tshoho e kakang, le takatso e kakang, le tjheseho e kakang, le tayo e kakang! Le bonahaditse ka tsohle hoba le ne le se na molato tabeng eo.

12. Leha ke le ngoletse jwalo, e ne e se ka baka la ya sentseng, leha e le ka baka la ya senyeditsweng, empa e ne e le ho bonahatsa ho lona paballo eo re le etsetsang yona pela Modimo.

13. Ke ka baka leo re tshedisitsweng; hape, kahodima tshediso ya rona re thabile haholoholo ka baka la thabo ya Tite, hobane moya wa hae o kile wa kgathollwa ke lona bohle.

14. Hobane, leha ke ne ke ithorise ka lona pela hae, ka hore ho itseng, ha ke a ka ka swaba ke hona; empa jwalokaha re ne re le bolelle nnete tabeng tsohle, le hona ho ithorisa ha rona ka lona pela Tite ho fumanwe e le nnete ka sebele.

15. Ka baka leo, leha a hopola kutlo ya lona bohle, le kamoo le mo amohetseng kateng, ka tshabo le ka thothomelo, lerato la hae ho lona le ntse le eketseha.

16. Ke fela ke itumela kahobane nka le tshepa nthong tsohle.