BIBELE e Halalelang

2 Bakorinthe 7:5-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Hobane esale re fihla Masedonia, nama ya rona ha e a ka ya phomola le hanyenyane; ra mpa ra hlomoha ka nqa tsohle; kantle e bile dintwa, kahare ya eba ditshoho.

6. Empa Modimo o tshedisang ba kokobetseng, o re tshedisitse ka ho fihla ha Tite.

7. Mme hase ka ho fihla ha hae feela, hape e bile ka tshediso eo a tshedisitsweng bakeng sa lona ka yona, kamoo a re boleletseng hlolohelo ya lona kateng, ho lla ha lona, le kamoo le ntjhesehelang kateng; taba tseo tsa ba tsa nthabisa haholo.

8. Hobane leha ke le swabisitse ka lengolo la ka, ha ke inyatse ke hona; ha ke ne ke inyatse — ke fela ke bona hobane lengolo leo le le swabisitse, leha ekaba e bile ka motsotso o se okae —

9. jwale ke thabile, e seng kahobane le kile la swabiswa, empa e le kahobane maswabi a lona a hlahisitse pako; hobane le ile la swaba ka mokgwa o ratwang ke Modimo, mme ka mokgwa oo, ha re a ka ra le etsa hampe tabeng leha e le nngwe.

10. Hobane ho swaba ka mokgwa o ratwang ke Modimo ho hlahisa pako e pholosang, e sa bakelweng; empa ho swaba ka mokgwa wa lefatshe ho hlahisa lefu.

11. Bonang he, ha le swabile jwalo ka mokgwa o ratwang ke Modimo, e bile taba e hlahisitseng mafolofolo a makakang ka ho lona, le boitlhatsuo bo bokakang, le hlonamo e kakang, le tshoho e kakang, le takatso e kakang, le tjheseho e kakang, le tayo e kakang! Le bonahaditse ka tsohle hoba le ne le se na molato tabeng eo.

12. Leha ke le ngoletse jwalo, e ne e se ka baka la ya sentseng, leha e le ka baka la ya senyeditsweng, empa e ne e le ho bonahatsa ho lona paballo eo re le etsetsang yona pela Modimo.