BIBELE e Halalelang

2 Bakorinthe 7:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jwale, baratuwa, ha re ena le dipallo tseo, a re ke re itlhatsweng ditshila tsohle tsa nama le tsa moya, re ntse re phetha kgalalelo ya rona ka ho tshaba Modimo.

2. Re amoheleng; ha re a ka ra etsa motho hampe; ha re a ka ra senyetsa motho; ha re a ka ra ja motho.

3. Ha ke rialo ho le nyatsa; hobane ke se ke boletse hore le ka dipelong tsa rona, re be hammoho ho shweng le ho pheleng.

4. Ke bua le lona ka matla a maholo, ke ithorisa haholo ka lona; ke tletse tshediso, ke thabile ka ho fetisisa mahlomoleng wohle a rona.

5. Hobane esale re fihla Masedonia, nama ya rona ha e a ka ya phomola le hanyenyane; ra mpa ra hlomoha ka nqa tsohle; kantle e bile dintwa, kahare ya eba ditshoho.

6. Empa Modimo o tshedisang ba kokobetseng, o re tshedisitse ka ho fihla ha Tite.

7. Mme hase ka ho fihla ha hae feela, hape e bile ka tshediso eo a tshedisitsweng bakeng sa lona ka yona, kamoo a re boleletseng hlolohelo ya lona kateng, ho lla ha lona, le kamoo le ntjhesehelang kateng; taba tseo tsa ba tsa nthabisa haholo.

8. Hobane leha ke le swabisitse ka lengolo la ka, ha ke inyatse ke hona; ha ke ne ke inyatse — ke fela ke bona hobane lengolo leo le le swabisitse, leha ekaba e bile ka motsotso o se okae —

9. jwale ke thabile, e seng kahobane le kile la swabiswa, empa e le kahobane maswabi a lona a hlahisitse pako; hobane le ile la swaba ka mokgwa o ratwang ke Modimo, mme ka mokgwa oo, ha re a ka ra le etsa hampe tabeng leha e le nngwe.

10. Hobane ho swaba ka mokgwa o ratwang ke Modimo ho hlahisa pako e pholosang, e sa bakelweng; empa ho swaba ka mokgwa wa lefatshe ho hlahisa lefu.

11. Bonang he, ha le swabile jwalo ka mokgwa o ratwang ke Modimo, e bile taba e hlahisitseng mafolofolo a makakang ka ho lona, le boitlhatsuo bo bokakang, le hlonamo e kakang, le tshoho e kakang, le takatso e kakang, le tjheseho e kakang, le tayo e kakang! Le bonahaditse ka tsohle hoba le ne le se na molato tabeng eo.