BIBELE e Halalelang

2 Bakorinthe 5:6-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Tshepo ya rona e tiya kamehla ke hona, mme re a tseba hoba, ha re ntse re ahile mmeleng, ha re hae ho Modimo.

7. Hobane re tsamaya ka tumelo, e seng ka pono.

8. Ke re, re na le tshepo e tiyang, mme hoo re ho ratang ke ho falla mmeleng, re be hae ho Morena.

9. Ke ka baka leo re tiisang matla ho mo kgahlisa, leha re sa le tlung ena, leha re ka falla ho yona.

10. Hobane e ka kgona re hlahe bohle pela setulo sa kahlolo sa Kreste, hore e mong le e mong a tle a nke ho lekanang seo a se entseng ha a sa le mmeleng, leha e le se setle, leha e le se sebe.

11. Jwale, ka baka la ho tseba botshabeho ba Morena, re qhopheletse batho ho dumela, mme re tsejwa ke Modimo, hape ke tshepile hoba re tsejwa le matswalong a lona.