BIBELE e Halalelang

2 Bakorinthe 5:19-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. ke ho re, Modimo o ne o le ho Kreste, ha o busetsa lefatshe kgotsong ho wona ka ho se balle batho dibe tsa bona, mme o kentse ho rona polelo ya poelano.

20. Re manqosa a Kreste ke hona, mme ho ka thwe, ke Modimo o le kgothatsang ka rona; re a le rapela, bakeng sa Kreste, re re: Boelanang le Modimo!

21. Hobane ya sa kang a tseba sebe, Modimo o mo entse sebe ka baka la rona, re tle re bewe ka yena ba lokileng pela Modimo.