BIBELE e Halalelang

2 Bakorinthe 5:14-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Hobane lerato la Kreste le re tlamile; re tswe re dumetse hoba, e mong ha a shwetse bohle, bohle le bona ba shwele;

15. mme o shwele bakeng sa bohle hore ba phelang ba se hlole ba iphelela, ba mpe ba phelele ya shweleng, a ba a tsoha bakeng sa bona.

16. Ka baka leo, le jwale ha re sa tseba motho ka nama; esita le yena Kreste, ha ekaba re mo tsebile ka nama, jwale ha re sa mo tseba ka mokgwa oo.

17. Ka baka leo, motho ha a le ho Kreste, ke mmopuwa e motjha; tsa kgale di fetile; bonang, tsohle di ntjhafetse.

18. Mme tsohle di tswa ho Modimo, o re boelantseng le wona ka Jesu Kreste, e leng wona hape o re neileng tshebeletso ya poelano;

19. ke ho re, Modimo o ne o le ho Kreste, ha o busetsa lefatshe kgotsong ho wona ka ho se balle batho dibe tsa bona, mme o kentse ho rona polelo ya poelano.

20. Re manqosa a Kreste ke hona, mme ho ka thwe, ke Modimo o le kgothatsang ka rona; re a le rapela, bakeng sa Kreste, re re: Boelanang le Modimo!

21. Hobane ya sa kang a tseba sebe, Modimo o mo entse sebe ka baka la rona, re tle re bewe ka yena ba lokileng pela Modimo.