BIBELE e Halalelang

2 Bakorinthe 5:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Efela re a tseba hoba mohla ntlo ena ya rona ya lefatshe, e kang motlotlwane, e senyehang, re na le leaho mahodimong le tswang ho Modimo, e leng ntlo e sa kang ya etswa ka matsoho, e sa feleng.

2. Ha re sa ntse re le motlotlwaneng wona, re hema ke ho lakatsa haholo ho apara ntlo ya rona ya lehodimo;

3. ha re fela re ka fihlelwa re apere, e seng re hlobotse.

4. Hobane rona, ba motlotlwaneng ona, re hemiswa ke ho imelwa; kahobane ha re rate ho hlobola, empa e le ho apara wa lehodimo hodima wona, se shwang se tle se monngwe ke bophelo.

5. Mme ya re bopetseng hona hoo ke Modimo, e leng wona hape o re neileng ditebeletso tsa Moya.