BIBELE e Halalelang

2 Bakorinthe 4:3-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Ekare ha Evangeli ya rona e kwahetswe, e kwahelletswe ba timelang;

4. e leng bao modimo wa lefatshe lena o ba foufaditseng dikelello, ke ho re, ba sa dumelang, ba tle ba se ke ba tjhabelwa ke lesedi la Evangeli ya kganya ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo.

5. Hobane ha re ipolele, empa re bolela Jesu Kreste hore ke Morena; mme haele rona, re ipolela hore re bahlanka ba lona, ka baka la Jesu.

6. Hobane Modimo o kileng wa re: Lesedi le hlahe lefifing, ke wona o bonesitseng dipelong tsa rona, ho hlahisa lesedi la tsebo ya kganya ya Modimo e bonahalang ho Jesu Kreste.

7. Empa letlotlo leo, re na le lona dipitseng tsa letsopa, matla ao a tlodisang e be a Modimo, e seng a rona.

8. Re hlomohile ka nqa tsohle, empa ha re tsielehe ruri; re bothateng bo boholo, empa ha re tele;

9. re a hloriswa, empa ha re lahlwe; re dihelwa fatshe, empa ha re timele;

10. re jara lefu la Morena Jesu hohle mmeleng wa rona, hore bophelo ba Jesu le bona bo tle bo bonahale mmeleng wa rona.

11. Hobane rona ba phelang, re ntse re tellwa lefu kamehla ka baka la Jesu, hore le bona bophelo ba Jesu bo tle bo bonahale nameng ya rona e shwang.

12. Kahoo, lefu le sebetsa ka ho rona, empa bophelo bo sebetsa ka ho lona.