BIBELE e Halalelang

2 Bakorinthe 4:12-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Kahoo, lefu le sebetsa ka ho rona, empa bophelo bo sebetsa ka ho lona.

13. Mme kahobane re na le moya o le mong wa tumelo, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ke dumetse, mme ke boletse ke hona; le rona re a dumela, mme ke ka baka leo re bolelang;

14. re ntse re tseba hobane ya tsositseng Morena Jesu, o tla re tsosa le rona ka Jesu, mme o tla re hlahisa le lona.

15. Hobane tsohle di etsetswa lona, hore mohau ha o ntse o ata ka ba bangata, o tle o ngatafatse teboho, Modimo o be o tlotliswe.

16. Ka baka leo, ha re tepelle; empa leha motho wa rona wa kantle a ntse a senyeha, motho wa kahare, yena, o ntse a ntjhafala ka letsatsi le letsatsi.

17. Hobane hlomoho e tjhatsi ya rona, ya motsotso wona, e ntse e re sebelletsa letlotlo la kganya le tlodisang, le sa feleng;

18. ha re fela re sa tadime tse bonahalang, re mpa re tadima tse sa bonahaleng; hobane tse bonahalang ke tsa mehla ena feela: empa tse sa bonahaleng ha di ka ke tsa eba le bofelo.