BIBELE e Halalelang

2 Bakorinthe 4:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ka baka leo, ha re ntse re ena le tshebeletso eo ka mohau o re hlahetseng, ha re tepelle.

2. Empa re lahlile dintho tse patwang tse dihlong; mme ha re tsamaye ka mano, ha re tswakanye lentswe la Modimo, empa ka ho hlahisa nnete, re iketsetsa kemelo matswalong a batho bohle pela Modimo.

3. Ekare ha Evangeli ya rona e kwahetswe, e kwahelletswe ba timelang;

4. e leng bao modimo wa lefatshe lena o ba foufaditseng dikelello, ke ho re, ba sa dumelang, ba tle ba se ke ba tjhabelwa ke lesedi la Evangeli ya kganya ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo.

5. Hobane ha re ipolele, empa re bolela Jesu Kreste hore ke Morena; mme haele rona, re ipolela hore re bahlanka ba lona, ka baka la Jesu.