BIBELE e Halalelang

2 Bakorinthe 3:8-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. tshebeletso ya Moya e tla ba le kganya e fetisang hakakang!

9. Hobane tshebeletso ya tsuo ha e bile le kganya, haholoholo tshebeletso ya ho loka e fetisa ka kganya hakakang!

10. Efela se neng se na le kganya pele, ha se sa na kganya, ha se bapiswa le kganya ena e fetisang haholo.

11. Hobane se neng se tla fela ha se ne se tle ka kganya, haholo se sa feleng se tiya ka kganya hakakang!

12. Jwale, ka baka la ho ba le tebello e kalo, re bolela ka matla a maholo.

13. Ha re etse jwaloka Moshe ya neng a ipea lesira mahlong, bana ba Iseraele ba tle ba se ke ba tadima qetello ya ntho e felang.

14. Empa dikelello tsa bona di ne di thatafatswe; hobane le jwale ha ho balwa ditaba tsa selekane sa kgale, lona lesira leo, le fediswang ke Kreste, le sa ntse le le teng, ha le eso ho ka le tloswa.

15. Empa le kajeno a bokajeno, ha ho balwa ditaba tsa Moshe, lesira le sa ntse le siretse dipelong tsa bona.

16. Empa mohla di tla sokolohela ho Morena, lesira le tla tloswa.

17. Mme Morena ke Moya; mme moo Moya wa Morena o leng teng, tokoloho e teng.

18. Jwale, rona bohle ba tadimang seiponeng kganya ya Morena, ka mahlo a se nang lesira, re fetohela setshwantshong se le seng le yena ka kganya e isang kganyeng, e leng ka Moya wa Morena.