BIBELE e Halalelang

2 Bakorinthe 3:1-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Hleka re boela re qala ho ikemela na? Kapa a re tshwanela ho batla, jwaloka ba bang, mangolo a re emelang pela lona, leha e le a ka tswang ho lona ho re emela pela ba bang?

2. Ke lona le leng lengolo la rona, le ngodilweng ka dipelong tsa rona, le tsejwang, le balwang ke batho bohle.

3. Le a bonahala hoba le lengolo la Kreste, le lokisitsweng ke tshebetso ya rona, le ngodilweng, e seng ka enke, empa e le ka Moya wa Modimo o phelang; ha le a ngolwa matlapeng a lejwe, empa e le matlapeng a nama, a dipelo tsa lona.

4. Re fela re na le tshepo e jwalo ho Modimo, ka Kreste.

5. E seng hore re ka tseba ho lekanya letho re nnotshi, jwaloka hoja le itswela ho rona; matla a rona a mpa a tswa ho Modimo;

6. e leng wona hape o re fileng matla a ho ba basebeletsi ba selekane se setjha, e seng sa letere, empa e leng sa Moya; hobane letere yona e a bolaya, empa Moya o a phedisa.

7. Mme ekare ha tshebeletso ya lefu, e ngodilweng ka diletere tse betlilweng majweng, e ne e na le kganya e kgolo, bana ba Iseraele ba ba ba sitwa ho tadima Moshe mahlong, ka baka la kganya ya sefahleho sa hae, athe ke e neng e tla fela;

8. tshebeletso ya Moya e tla ba le kganya e fetisang hakakang!

9. Hobane tshebeletso ya tsuo ha e bile le kganya, haholoholo tshebeletso ya ho loka e fetisa ka kganya hakakang!

10. Efela se neng se na le kganya pele, ha se sa na kganya, ha se bapiswa le kganya ena e fetisang haholo.

11. Hobane se neng se tla fela ha se ne se tle ka kganya, haholo se sa feleng se tiya ka kganya hakakang!

12. Jwale, ka baka la ho ba le tebello e kalo, re bolela ka matla a maholo.