BIBELE e Halalelang

2 Bakorinthe 2:5-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Ha e mong a hlahisitse maswabi, ha a swabisa nna, empa ka nqa tse ding o swabisitse le lona bohle; ke rialo, ke tle ke se ke ka le imetsa.

6. Ho lekane ha motho eo a kgalemetswe jwalo ke ba bangata.

7. Empa jwale, le tshwanetse ho mo rekolohela le ho mo tshedisa, motho eo a tle a se ke a qetwa ke maswabi a tlodisang.

8. Ke le rapela ke hona, ke re, le ke le mmontshe lerato la lona;

9. etswe ke le ngoletse hore ke tle ke le leke, mme ke tsebe hobane na nthong tsohle le a nkutlwa.