BIBELE e Halalelang

2 Bakorinthe 2:10-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Eo le mo rekolohelang le nna ke a mo rekolohela; hobane le nna ha ke leballa motho molato, ke mo leballa wona ka baka la lona, mahlong a Kreste;

11. re tle re se ke ra tlatlapuwa letho ke Satane, hobane re hlile re tseba merero ya hae.

12. Mme mohla ke tlileng Trowase ho bolela Evangeli ya Kreste, leha nkile ka bulelwa monyako teng ke Morena,

13. ha ke a ka ka iketla moyeng wa ka, kahobane ha ke a ka ka fumana Tite, ngwaneso; ka mpa ka ba dumedisa, ka ntoo ikela Masedonia.

14. Ho roriswe Modimo o re neang ho hlola kamehla ka Kreste, o hasetsang hohle ka rona monkgo wa tsebo ya wona!

15. Hobane ho Modimo re monkgo o monate wa Kreste hara ba bolokehang le hara ba timelang:

16. ho ba bang re monkgo wa lefu, o bolayang; ho ba bang re monkgo wa bophelo, o phedisang. Empa ke mang ya ka lokelang tse kalo?

17. Hobane ha re tshwane le ba bangata ba tswakang lentswe la Modimo; re ntse re bua re le ba nnete, re le ba buiswang ke Modimo, pontsheng ya Modimo, re le ho Kreste.