BIBELE e Halalelang

2 Bakorinthe 13:6-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Empa ke tshepa hoba, haele rona, le tla lemoha hobane re lokelwa ke ho amohelwa.

7. Empa ke rapela Modimo hore le se ke la etsa bobe le hanyenyane; e seng hore re bonahale hoba re ba lokelwang ke ho amohelwa, empa e le hore le etse hantle, leha rona re ka ba jwaloka hoja re se na ho amohelwa.

8. Hobane ha re na matla le a manyenyane ho hanela nnete, empa e le ho emela nnete.

9. Re thaba ha rona re fokola, le lona ha le le matla; mme seo re se eletsang, ke phetheho ya lona.

10. Ke ka baka leo ke ngolang taba tseo, ke sa le siyo ho lona, hore mohla ke leng teng, ke se ke ka etsa ka thata, ka matla ao Morena a nneileng wona ho hahisa, e seng ho heletsa.

11. Ha ke qetella, banabeso, ke re: Ithabeleng, le phethehe, le tshedisane, le be le kgopolo e le nngwe, le dule ka kgotso; mme Modimo wa lerato le wa kgotso o tla ba le lona.

12. Dumedisanang ka kako e halalelang. Bahalaledi bohle ba le dumedisa.

13. Mohau wa Morena Jesu Kreste o be le lona bohle, le lerato la Modimo, le kopano ya Moya o Halalelang. Amen!