BIBELE e Halalelang

2 Bakorinthe 13:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Lena ke la boraro ke tlang ho lona ka lona; ditaba tsohle di tla tiya ke melomo ya dipaki tse pedi, leha e le tse tharo.

2. Ke se ke le boleletse pele, le jwale ke sa le bolella, ke re: Jwalokaha nkile ka etsa ha ke le ho lona ka la bobedi, le jwale ke sa pheta, leha ke le siyo, ke ngolla ba sitilweng pele, le ba bang bohle hore, ha ke boela ke etla, nke ke ka ba rekolohela;

3. haele moo le batla pontsho e le kgodisang hore Kreste o bua ka nna, athe yena ha a le fokolla, empa o matla hara lona.

4. Hobane leha a kile a thakgiswa sefapanong ka phokolo, o phela ke matla a Modimo; mme le rona re fokoletse ho yena, empa re tla phela le yena, ka matla a Modimo a sebetsang ho lona.

5. Itekoleng e le lona, le tle le bone ha le le tumelong; itekeng e le lona; na ha le itemohele hoba Kreste o ka ho lona, haese hoba mohlomong le le ba se nang ho amohelwa!