BIBELE e Halalelang

2 Bakorinthe 12:8-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Bakeng seo, ke rapetse Morena hararo, hore ntho eo e tloswe ho nna.

9. Empa Morena a re ho nna: Mohau wa ka o a o lekana; hobane matla a ka a iphetha mefokolong. Ka baka leo, moo ke ratang teng, ke ho ithorisetsa ho fokoleng ha ka, matla a Kreste a tle a nkapese.

10. Ke ka baka leo ke ithatelang mefokolong, le dinyefolong, le bohloking, le dihlorisong, le mahlomoleng, ka baka la Kreste; hobane mohla ke fokolang, eba ke mohla ke nang le matla.

11. Ha ke ithorisitse, ke fetohile lewatla, ke lona le ntshusumeleditseng teng; hobane ke ne ke tshwanelwa ke ho emelwa ke lona, hobane ha ke a ka ka fetiswa ka letho, leha le le leng, ke baapostola ba fetisang ka boholo, leha ke se eng.

12. Ruri, haele dipontsho tsa baopostola ba ka, di sebeditswe ka matla hara lona, ka mamello yohle, ka dipontsho, ka meeka, le ka mehlolo.

13. Ana le kile la fetiswa ka eng ke dikereke tse ding, haese kahobane ke sa ka ka le etsetsa boima? Le nkgauhele tshitong eo.

14. Bonang, e se e le lekgetlo la boraro ke itokisetsa ho tla ho lona, mme le jwale nke ke ka le etsetsa boima; hobane ha ke batle tsa lona, empa ke batla lona; etswe e se bana ba tshwanetseng ho bokellela bontata bona, empa e le bontata batho ba tshwanetseng ho bokellela bana ba bona.

15. Mme haele nna, nke ke ka kganana ho ntshetsa le ho ntshetswa meya ya lona; leha ke ratwa hanyenyane, ke ntse ke le rata haholo.

16. Ekaba ho tla thwe: Efela ha ke a ka ka le etsetsa boima, empa ke ne ke na le mano, mme ke le tshwere ka bohlale.

17. Na ke ruile tsa lona ka ofe ho bao ke ba romileng ho lona na?

18. Ke kgothaditse Tite, ka re, a ye ho lona, mme ke romile le yena moena e mong. Na Tite o kile a rua letho ka lona na? Na ha re a ka ra tsamaya le yena ka moya o le mong, ka mehlala e le meng feela na?

19. Hleka le jwale le re, re sa ntse re itlhatswa ho lona na? Tjhe, re bua pela Modimo, re le ho Kreste; mme ka tsohle tseo, baratuwa, re le batlela kgahiso.